Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 22:13 - BIBELE

13 Moromuwa ya neng a ilo bitsa Mmikiya a bua ho yena, a re: “Ako bone, baporofeta bana ba ntsweleng, ha ba bolella kgosi taba tse molemo. Le wena ako bue jwaloka bona, o bolele tse molemo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba lentswe le le leng ho bolella morena molemo; ke re, le la hao lentswe le be jwaloka mantswe a bona, o bolele molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 22:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade mme o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


Ka pelong ya kgopo o re: “Modimo o a lebala, o ipatile sefahleho, a ke ke a bona letho le kgale.”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ke tshabela ho Morena. Keng ha le re ho nna: “Balehela thabeng jwaloka nonyana?”


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Ka pelong sethoto se re: “Ha ho na Modimo.” Diketso tsa batho di bodile, di a nyonyeha, ha ho le ya mong ya etsang tse ntle.


Tsena o di entse; jwale o re nka kgutsa? O hopola hore ke tshwana le wena? Ke tla o kgalemela, ke totobatse tsohle mahlong a hao.


“Ka bokgopo ba bona ba thabisa kgosi, ba thabise le mahosana ka mashano a bona.


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ