Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:8 - BIBELE

8 Yaba Jesabele o ngola mangolo lebitsong la Akabe, a ba a a hatisa ka letshwao la hae. Mangolo ana a a romela ho baholo le mahosana a ahileng le Nabote motseng oo wa habo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A ngola mangolo ka lebitso la Akabe, a a tiisa ka tiiso ya hae, a romela mangolo ho baholo le mahosana a motseng wa Nabothe, a ahisaneng le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:8
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi ya Iseraele e bitsa baholo ba setjhaba, e re: “A ke le boneng kamoo motho enwa a leng leqhoko kateng! O itse ke mo fe basadi ba ka, le bana ba ka, le silefera ya ka, le kgauta ya ka, mme ha ke a ka ka mo hanela ka letho.”


Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.


Mangolong ao o ne a ngotse, a itse: “Phatlalatsang tsatsi la ho itima dijo, mme hara setjhaba sohle Nabote a bewe setulong se ka sehloohong.


Ka baka leo, Jehu a bolaya bohle ba lelapa la Akabe ba neng ba setse Jesereele, le banna bohle bao e neng e le ditshiya tsa hae, le metswalle ya hae, le baprista ba hae, ho fihlela ho sa sala le ya mong.


Mangolong ao Saneheribe a neng a a ngotse, o ne a nyefotse Morena Modimo wa Iseraele, a mo hanyeditse, a itse: “Jwalokaha medimo ya ditjhaba tsa dinaha tse ding e sa ka ya namolela ditjhaba tseo tsa yona matsohong a ka, le Modimo wa Hesekiya o ke ke wa namolela setjhaba sa hae matsohong a ka.”


Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena: “Ho kgosi Aretaseresese. “Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re:


Ka lekgetlo la bohlano Sanebalate a roma mohlanka wa hae ho ntlisetsa molaetsa o tshwanang le melaetsa ya pele, ka lengolo le sa kwalwang.


Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.


Ba ya, ba tiisa lejwe la lebitla ka letshwao la bona, ba siya balebedi ho le lebela ka thata.


Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.


Boase a bitsa baholo ba leshome ba motse oo, mme a re ho bona: “Dulang mona.” Yaba ba a dula.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ