Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:7 - BIBELE

7 Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile Jesebele, mosadi wa hae, o re ho yena: Ha ke re, ke wena ya renang Iseraeleng kajeno? Tsoha, o je bohobe, pelo ya hao e thabe; ke nna ke tla o nea tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”


Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke ile ka bua le Nabote wa Mojesereele, ka re ho yena: ‘Nthekisetse tshimo ya hao ka tjhelete; kapa haeba o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya morara bakeng sa yona.’ Yena a nkaraba, a re: ‘Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya morara.’ ”


ke mokoko o qholoshang hara dithole, hape ke phooko, ke kgosi e futuhang ka mabotho a yona.


Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng: Ka bona meokgo ya ba hatellwang, feela bona ba se na motshedisi; bahatelli ba bona ba ena le matla, feela ba hatellwang ba se na motshedisi.


Kaha lentswe la kgosi le ena le matla, ke mang ya ka reng ho yona: “Jwale o etsang?”


Na dipere di ka matha mafikeng? Na pholo di ka lema lewatleng? Empa lona toka le e fetotse tjhefo, tholwana ya ho loka la e fetola leshokgwa.


Ka matsoho a bona ba ithutile ho etsa bokgopo, ba bile ba bo etsa ba kgothetse; mmusi o batla hore a ntshetswe dimpho, moahlodi yena o amohela tjotjo; ba matla ba laela hore ho phethwe ditakatso, takatso tsa bona tse kgopo, ba loha mano jwalo ba le hammoho.


Ba dula fatshe, bobedi ba bona ba eja, ba enwa. Ntata ngwanana a re ho monna eo: “Ke a o rapela: Kgotsofalla ho hlola mona bosiu bohle, o ithabise.”


Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona.


E tla nka masimo a lona a matle ka ho fetisisa a morara, le a mohlwaare, e a nee bahlanka ba yona.


Jwale baholo bohle ba Baiseraele ba bokana, ba tla ho Samuele a le Rama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ