Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:4 - BIBELE

4 Akabe a kgutlela lapeng ha hae, pelo ya hae e tetebetse, a hloname, ka lebaka la puo eo Nabote wa Mojesereele a e buileng ho yena, hobane o ne a ile a re: “Nke ke ka o nea lefa la bo-ntate.” A ya paqama betheng ya hae, a shebile leboteng, a ikgurumetsa, a hana le ho ja.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:4
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Amanone a tshwenyeha haholo, hoo a bileng a kula ka baka la ho rata kgaitsedie, Tamare. Tamare e ne e sa le morwetsana, mme Amanone a sitwa ho mo etsa letho.


Jonadabe a re ho Amanone: “Ngwana kgosi ya ka, molato keng ha o ntso fella dikobong tjee, ka tsatsi le leng le le leng? Ako mpolelle hle!” Amanone a re ho yena: “Ke rata Tamare, kgaitsedi ya moreso Abosalome.”


Kgosi ya Iseraele ya ya tlung ya yona; ya fihla Samaria pelo ya yona e tetebetse, e tshwenyehile.


Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.


Empa Nabote a re ho Akabe: “Morena a mpe a nthuse, ke se ke ka o nea lefa la bo-ntate.”


Empa mosadi wa hae, Jesabele, a kena kamoo a leng kateng, a re ho yena: “Ke ka baka lang o hlonameng hakaale, o hanang le ho ja?”


Empa tsena tsohle ha di nthuse ka letho, ha feela ke ntse ke bona Moredekai wa Mojuda a dutse monyakong wa ntlo ya kgosi.”


Sethoto se bolawa ke ho komakoma ha sona, sehlohwane sona se bolawa ke mona.


Molemo ke ho kgotsofalla seo o se bonang, ho ena le hore takatso ya hao e kgelekgethe. Hona le hona ke lefeela le mafeela, ho tshwana le ho lelekisa moya feela.


Jonase a utlwa bohloko haholo, mme a halefa.


Empa Morena a mo araba, a re: “Na o etsa hantle ha o halefa?”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Empa Modimo a botsa Jonase, a re: “Na ke hantle ha o kgenne ka baka la sefate see?” Jonase a mo araba, a re: “E, ke hantle, ebile ke kgenne hoo nka nnang ka shwa.”


Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae.


Empa Saule a hana, a re: “Nke ke ka ja!” Bahlanka ba hae le mosadi eo ba mo qophella, a ba a qetella a dumetse. Jwale a ema fatshe, a dula hodima moalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ