Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:27 - BIBELE

27 Yare ha Akabe a utlwa mantswe ana, a hahola diaparo tsa hae, a apara tse mahwashe, a itima dijo, a robala a ntse a apere tse mahwashe, a tsamaya a siame.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Akabe, ha a utlwa taba tseo, a hahola diaparo tsa hae, a itlama mmele ka lesela le mahwashe, a itima dijo, a robala ka lesela le mahwashe, a nanya butle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:27
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a hahola diaparo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka matsatsi a mangata.


Jwale Davida a re ho Joabe le ho batho bohle ba neng ba ena le yena: “Haholang diaparo tsa lona, le apare mekotla, le tsamaye kapele ho setopo sa Abinere le ntse le mo llela.” Kgosi Davida yena a sala setopo morao.


Lentswe la Morena la fihla ho Elia wa Tishebe, la re:


Jwale bo-Eliakime, mora wa Hilekiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la kgosi, le Shebena, eo e neng e le mongodi wa lekgotla, le Jowa, mora wa Asafo, eo e neng e le mongodi wa diketsahalo, ba fihla ho Hesikiya, ba hahotse diaparo tsa bona, mme ba mo phetela dipolelo tsa molaodi wa ntwa.


Ha kgosi Hesekiya a utlwa ditaba tsena a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe, a kena ka Tempeleng ya Morena.


Ha kgosi e utlwa dipolelo tsa mosadi enwa ya hahola diaparo tsa yona. Ha e ntse e tsamaya hodima lerako, batho ba tadima, mme ba bona hore kgosi e apere seaparo se mahwashe.


Ha Davida a re mahlo tloha! a bona lengeloi la Morena le eme sepakapakeng, le tshwere sabole, le e kokoseditse hodima Jerusalema. Bo-Davida le baholo ba setjhaba, ba neng ba apere diaparo tse mahwashe, ba obamela fatshe ka difahleho.


“Mmeleng wa ka ke apere tse mahwashe, ka phatla ya ka leroleng ka sunyama;


Yare ha setjhaba se utlwa mantswe ana a bohloko, sa lla, mme ha se ke ha eba ya rwalang mekgabiso ya hae.


Ka tsatsi leo Morena, Morena wa mabotho, a le bitsa, a le bitsetsa ho lla le ho ba bofifing, ho beola moriri le ho apara tse mahwashe.


Empa jwale ke tla reng? O buile ho nna, sena se entswe ke yena, ke tla ikokobetsa ka lemo tsohle ha ke ntse ke phela, le hoja pelo ya ka yona e le bohloko.


Empa mahosana ha a a ka a tshoha, kapa a hahola diaparo tsa wona; esita le yona kgosi kapa e mong feela wa bahlanka ba yona ba ileng ba utlwa mantswe ana wohle.


Lona baprista, aparang tse mahwashe, le lle! Lona basebeletsi ba aletare, bokollang! Tloong, le lale le apere, le apere tse mahwashe, lona basebeletsi ba Modimo wa ka, hoba nyehelo ya dijo le ya dino e fedisitswe ka Tempeleng, ka Tempeleng ya Modimo wa lona.


Yare ha Modimo a bona diketso tsa bona, le kamoo ba baketseng bokgopo ba bona kateng, a ba utlwela bohloko, mme a se ke a ba otla jwalokaha a ne a itse o tla ba otla. A fela a se ke a ba otla.


Ha molaetsa o fihla ho kgosi ya Ninife, ya raoha teroneng ya yona, ya hlobola seaparo sa yona sa bokgosi, ya apara tse mahwashe, mme ya dula moloreng.


Ke tla romela dipaki tsa ka tse pedi, di apere diaparo tse mahwashe, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a tsheletseng.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ