Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:22 - BIBELE

22 Lelapa la hao ke tla le etsa jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le jwalokaha ke ne ke etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya, hobane o mphepheditse hoo ke bileng ke o halefetseng; o entse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:22
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntho ena ya eba sebe, hobane setjhaba se ile sa ya Bethele le Dane ho ya rapela.


Ntho ena ya eba sebe sa lelapa la Jeroboame, se ileng sa le fedisa, mme sa le timetsa lefatsheng.


Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”


A etsa bobe mahlong a Morena, a tsamaya mehlaleng ya Jeroboame, a etsa sebe se kang sa Jeroboame, seo ka sona a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Hanghang ha Simeri a qala ho dula teroneng ya hae, a busa, a bolaya bohle ba lelapa la Basha, a se ke a siya le ya mong wa ba batona, esitana le bang ka yena, kapa bao e leng metswalle ya hae.


A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata.


Ka baka lena ke tla timetsa Basha le ba lelapa la hae; lelapa leo ke le etse seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate.


Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.”


Lelapa la Akabe ke tla le etsa seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate, le seo ke neng ke se etse lelapa la Basha, mora wa Ahiya.


Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ