Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:21 - BIBELE

21 Ke tla o dihela koduwa, ke fedise ditloholo tsa hao. Ke tla bolaya ba batona bohle ba lelapa la Akabe, naheng ya Iseraele; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Bona, ke tla o hlahisetsa bomadimabe, ke o hlakole, ke timetse le ba Akabe ba batona, ba ruilweng le ba sa ruwang Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:21
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!


Polao ena e ile ya bakwa ke dibe tseo Jeroboame a ileng a di etsa, a ba a dihela Baiseraele ho tsona; kahoo a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, mme Morena a ba a mo halefela.


Ka baka lena ke tla timetsa Basha le ba lelapa la hae; lelapa leo ke le etse seo ke neng ke se etse lelapa la Jeroboame, mora wa Nebate.


Ha a fihla Samaria, a bolaya masalla wohle a ba lelapa la Akabe, a neng a le moo Samaria. A fedisa lelapa leo, ho ya kamoo Morena a neng a laele Elia kateng.


Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”


Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang.


Ke tla ahlola Jerusalema jwalokaha ke ne ke ahlole Samaria, le jwalokaha ke ne ke ahlole lelapa la Akabe. Ke tla hlakola Jerusalema jwalokaha motho a hlakola sejana, a be a se ribeha.


Ho madimabe ba kgopo, hobane koduwa e tla ba wela hodimo, ba putswe ho ya ka mesebetsi ya bona.


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Haeba letsatsi le ka tjhaba ke siile monna leha a le mong wa banna bohle ba hae, Modimo a nkotle jwaloka dira tsa Davida, le ho feta.”


Ke hlapanya ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, ya nthibetseng hore ke se ke ka o ntsha kotsi, hore hoja wa se ke wa potlaka wa nkgahlanyetsa, ruri e ne etlare pele le tjhaba ho be ho se na monna le ya mong wa ba Nabale ya ntseng a phela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ