1 Marena 21:20 - BIBELE20 Akabe a re ho Elia: “Wa mphumana, wena sera sa ka!” Elia a re: “E, ke o fumane, hobane o ineeletse ho etsa bobe moo Morena a ntseng a o bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)20 Akabe a re ho Elia: Hleka o mphumane, wena o leng sera ho nna na? Elia a re: Ke o fumane, hobane o ineetse ho etsa ho leng hobe mahlong a Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re ho yena: “Ho sa na le monna e mong hape eo re ka reng a re botsetse ho Morena, empa nna ke mo hloile, hobane ha a ke be a mporofetele tse molemo, o mporofetela tse mpe. Ke Mmikiya, mora wa Jimela.” Jehoshafate a re ho kgosi: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”
“Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.