Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:19 - BIBELE

19 O tle o fihle o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Na o fela o bolaile Nabote, o bile o inketse tshimo ya hae?’ O boele o re ho yena: ‘Morena o bua tjena: Hona moo, moo dintja di ileng tsa qaphela madi a Nabote hona teng, le wena madi a hao di tla a qaphela hona teng.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ere ho yena: Jehova o re: Na o fela o bolaile, o bile o nkile na? Eketsa o re ho yena: Jehova o re: Moo dintja di nyekileng madi a Nabothe, dintja di tla nyeka le a hao madi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:19
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”


“Morena o bua tjena: ‘Bona, ke tla o hlahisetsa bobe kahare ho ntlo ya hao. Ke tla nka basadi ba hao moo o ntseng o bona, ke ba nee ya ahisaneng le wena, mme eo o tla robala le bona letsatsi le tjhabile.


Jwale ke ka baka lang o nyedisitseng lentswe la Morena, hore ebe o entse ntho e fahlang Morena? O bolaile Uriya wa Mohete ka sabole, wa inkela mosadi wa hae hore e be mosadi wa hao, monna wa hae o mmolaile ka sabole ya Baamone.


Ba ya hlatswa kariki ya kgosi letshaneng la Samaria, dintja tsa qapha madi a yona, le diotswa tsa tolla letshaneng leo, ho ya ka polelo eo Morena a neng a e bolele.


Jwale tsebang hore tsohle tseo Morena a di buileng ka lelapa la Akabe di tla phethahala, hobane Morena o entse seo a neng a se bue ka mohlanka wa hae Elia.”


Yare ha lengolo le fihla ho bona, ba tshwara bara ba kgosi ba mashome a supileng, ba ba bolaya, ba kenya dihlooho tsa bona ka dirotong, ba di romela Jesereele, ho Jehu.


Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?”


Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.


haeba tholwana tsa wona ke di jele lehahla, kapa monga tsona ka mmolaya,


Morena o itse: “Ke tla ba lata Bashane, ke ba late le botebong ba lewatle,


hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.


Kgosana ha e a lokela ho nka letho lefeng la setjhaba ka ho se hatella. E tla abela bara ba yona lefa leo e leng la yona, e le hore ho se be motho wa setjhaba sa ka ya ka falatswang.’ ”


“Ho madimabe ba hahileng motse wa bona, ba o hahileng ka ho tsholla madi, ba o haha hodima moralo wa bolotsana!


“Ho madimabe ya ithuisang ka mano, ya hahang ntlo ya hae hodima qhowa, hore a tla tsebe ho phema koduwa.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ