Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:15 - BIBELE

15 Ha Jesabele a utlwa hore Nabote o tlepeditswe ka majwe, mme o shwele, a re ho Akabe: “Tsoha, o inkele tshimo ya morara ya Nabote wa Mojesereele, eo a ileng a hana ho o rekisetsa yona ka tjhelete, hobane Nabote e se e le mofu.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jesebele, ha a utlwa hobane Nabothe o tlepeditswe, mme o shwele, a re ho Akabe: Tloha, o nke tshimo ya merara ya Nabothe wa Jisreele, eo a hanneng ho o nea yona bakeng sa tjhelete; hobane Nabothe ha a sa le yo, o shwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:15
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.


Ba romela molaetsa ho Jesabele, ba re: “Nabote o tlepeditswe ka majwe, o shwele!”


Ha Akabe a utlwa hore Nabote o shwele, a ema, a theohela tshimong ya morara ya Nabote wa Mojesereele, a inkela yona.


Jesabele, mosadi wa hae, a re ho yena: “Na hase wena ya busang naha ya Iseraele? Tsoha, o je, o nyakalle. Ke tla o nea tshimo eo ya morara ya Nabote wa Mojesereele.”


Jorame a re: “Panang kariki ya ka ya ntwa!” Ba pana kariki ya hae ya ntwa. Bo-Jorame, kgosi ya Iseraele, le Akasiya, kgosi ya Juda, ba tswa motseng, e mong le e mong a palame kariki ya hae ya ntwa. Ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jehu, mme ba teana le yena tshimong ya Nabote wa Mojesereele.


O bolaye ba lelapa la monga hao Akabe, e le hore ke phetetse madi a bahlanka ba ka, baporofeta, le madi a bahlanka bohle ba Morena, ba bolailweng ke Jesabele.


Ba ja bohobe ba bokgopo, ba nwe veine ya meferefere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ