Jwale banna ba babedi, ba kgopo, ba fihla ba dula kapele ho yena, ba mo qosa kapele ho setjhaba, ba re: “Nabote o ile a nyefola Modimo le kgosi!” Yaba ba hulanyetsa Nabote kantle ho motse, ba mo tlepetsa ka majwe, a ba a shwa.
Ha Jesabele a utlwa hore Nabote o tlepeditswe ka majwe, mme o shwele, a re ho Akabe: “Tsoha, o inkele tshimo ya morara ya Nabote wa Mojesereele, eo a ileng a hana ho o rekisetsa yona ka tjhelete, hobane Nabote e se e le mofu.”
Moromuwa a fihla ho Jehu, a re: “Ba tlisitse dihlooho tsa bara ba kgosi Akabe.” Yaba Jehu o re: “Di etseng diqubu tse pedi, le di bee kgorong ya motse ho fihlela hosasane, hoseng.”
Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.
Ho na le mafeela a etsahalang mona lefatsheng. Batho ba lokileng ba fumana se lokelang ba kgopo, athe ba kgopo ba fumana se lokelang ba lokileng. Hona le hona ke lefeela.