Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 21:11 - BIBELE

11 Banna ba motse oo wa habo Nabote, e leng baholo le mahosana, bao e neng e le baahi ba motse oo, ba phetha taelo eo Jesabele a neng a ba rometse yona, jwalokaha e ne e ngotswe mangolong ao a neng a ba rometse wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Banna ba motse, e leng baholo le mahosana a ahileng motseng wa Nabothe, ba etsa kamoo Jesebele a rometseng ho bona kateng, le kamoo ho ngodilweng mangolong kateng ao ba a rometsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 21:11
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Malebana le yena le bee banna ba babedi, ba kgopo, ba tle ba mo qose, ba re: ‘Wena, Nabote, o ile wa nyefola Modimo le kgosi!’ Jwale lona le mo hulanyetse kantle ho motse, le mo tlepetse ka majwe a be a shwe.”


Ba fela ba phatlalatsa letsatsi la ho itima dijo, mme Nabote a bewa setulong se ka sehloohong hara setjhaba.


Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena.


Empa babelehisi ba ne ba tshaba Modimo, mme ba se ke ba etsa kamoo kgosi ya Egepeta e ba laetseng kateng, ba tlohela bana ba bashanyana ba phela.


Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela.


Kahoo toka e tjhetjhiswa kasanthao, ho loka ho emeletse hole le rona; diterateng nnete ha e sa le yo, botshepehi le bona ha bo sa fumanwa.


Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.


“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Hoba ba lemoswe torong hore ba se ke ba boela ho Heroda, ba kgutlela naheng ya habo bona ka tsela esele.


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.


Kgosi ya re ho balebedi ba neng ba e potapotile: “Tloong, le bolaye baprista ba Morena, hobane ba thusana le Davida. Ba bile ba tseba hore o balehile, empa ha ba a ka ba ntsebisa.” Empa bahlanka ba kgosi ba se ke ba bolaya baprista ba Morena.


Ka baka leo he, kgosi ya ka, haeba o rata ho theoha, theoha, mme rona re tla neelana ka yena matsohong a hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ