Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:42 - BIBELE

42 Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Eo a re: Jehova o re: Erekaha o tlohetse monna eo ke neng ke mo neetse timelo, ho phela ha hao ho tla ema bakeng sa ho phela ha hae, le setjhaba sa hao se tla ema bakeng sa setjhaba sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:42
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nathane a re ho Davida: “Monna eo ke wena. Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke o tlotseditse hore o be kgosi ya Iseraele, ke o lopolotse matsohong a Saule.


Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.” Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.


Ha kgosi e feta a e howeletsa, a re: “Mohlanka wa hao o ne a ikakgetse moo ntwa e leng mahlomafubedu; yaba monna e mong o tswa hara theko, o ntlisetsa motho, o re ho nna: ‘Disa motho enwa! Haeba a ka tshoha a phonyoha, o tla bolawa bakeng sa hae; ho seng jwalo o tla lefa silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a mararo a metso e mene.’


Jwale a potlakela ho itlamolla mahlo, mme kgosi ya Iseraele ya bona hore ke e mong wa baporofeta.


Kamora tsena, Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a kgobokanya mabotho wohle a hae, a nyoloha, a fihla a etsetsa Samaria thibella.


Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?” Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.”


“ ‘Motho ofe kapa ofe ya lelekilweng setjhabeng sa habo, a ke ke a lopollwa; ruri o tla bolawa.


hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ