1 Marena 20:33 - BIBELE33 Banna bao ba ba sedi haholo ho bona moo moya o fokelang teng, mme hanghang, ha ba bone, ba re: “E, ngwaneno Bene-Hadade!” Yaba e re: “Tsamayang, le yo mo lata!” Bene-Hadade a fihla ho kgosi ya Iseraele, mme ya mo palamisa kariki ya yona ya ntwa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)33 Banna bao ba lekanya eka ke taba e molemo; ba phakisa ba nka polelo eo ya hae, ba re: Ben-Hadade ke ngwaneno. A re: Eyang, le mo late. Ben-Hadade a tswela ho yena; mme Akabe a re: a kene koloing ya hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Jwale Bene-Hadade a re ho kgosi ya Iseraele: “Ke tla o buseletsa metse yohle eo ntate a neng a e hape ho ntatao, mme o ka iketsetsa dibaka tsa kgwebo Damaseka, jwalokaha ntate le yena a ne a di etse Samaria.” Akabe a re: “Ke tla o lokolla ha re ka etsa selekane.” Yaba ba etsa selekane le yena, a nto mo lokolla.
Hoba Jehu a tlohe moo Motebong, a kopana le Jehonadabe, mora wa Rekabe, a etla ho tla mo kgahlanyetsa. Jehu a mo dumedisa, mme a re ho yena: “Na o nthata jwalokaha ke o rata?” Jehonadabe a araba, a re: “Ho jwalo!” Jehu a re: “Haeba ho le jwalo, ntshware ka letsoho.” Jehonadabe a mo tshwara ka letsoho, mme Jehu a mo hlwesetsa ka kariking ya ntwa.