Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:32 - BIBELE

32 Yaba ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba qhaka dihlooho tsa bona ka dithapo, ba ya ho kgosi ya Iseraele, ba fihla ba re: “Mohlanka wa hao Bene-Hadade o re: ‘Ke a o rapela: O se ke wa mpolaya!’ ” Yaba kgosi ya Iseraele e re: “O ntsa phela? Ke ngwaneso!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ba itlama matheka ka masela a mahwashe, ba rwala dithapo hloohong, ba tla ho morena wa Iseraele, ba re: Mohlanka wa hao, Ben-Hadade, o re: O ntlohele ke phele. Akabe a re: Na o sa phela na? Ke ngwaneso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:32
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Mamela mona; re utlwile hore dikgosi tsa Baiseraele ke dikgosi tse mohau; ka baka leo, re a o kopa: Re dumelle re itlame matheka ka masela a mahwashe, re qhake dihlooho tsa rona ka dithapo, re ye ho kgosi ya Iseraele, mohlomong e ka o qenehela.”


Banna bao ba ba sedi haholo ho bona moo moya o fokelang teng, mme hanghang, ha ba bone, ba re: “E, ngwaneno Bene-Hadade!” Yaba e re: “Tsamayang, le yo mo lata!” Bene-Hadade a fihla ho kgosi ya Iseraele, mme ya mo palamisa kariki ya yona ya ntwa.


Moporofeta eo a re ho kgosi: “Morena o bua tjena: ‘Kahobane o lokolotse motho eo ke neng ke rerile hore a timetswe, o tla bolawa bakeng sa hae; le setjhaba sa hao se bolawe bakeng sa setjhaba sa hae.’ ”


Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”


Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ