Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:30 - BIBELE

30 Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:30
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntwa ya aparela sebaka seo sohle. Ka letsatsi leo, batho ba ileng ba shwella ka morung ba eba bangata ho feta ba ileng ba bolawa ka sabole.


Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


Mohlabani ka mong a bolaya wa hae. Baarame ba baleha, mme Baiseraele ba ba phaladisa. Bene-Hadade, kgosi ya Arame, a lwabela pere, a baleha le bahlabani ba palameng dipere.


Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.


Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.


Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kahare ho ya ipata, ke mohla o tla tseba.”


Ha ba kena ka tempeleng ho ya etsa mahlabelo le dinyehelo tsa setjheso, Jehu o ne a ile a bea banna ba mashome a robedi kantle, mme a re ho bona: “Haeba e mong wa banna bana bao ke ba beang matsohong a lona a ka phonyoha, ya tla mo tlohela hore a phonyohe o tla bolawa bakeng sa eo ya phonyohileng!”


Ha o fihla teng o batle Jehu, mora wa Jehoshafate, setloholo sa Nimeshi. O kene ka tlung, o mo qolle hara balekane ba hae, o mo ise ka kamoreng e kahare.


Mmikiya a re: “Mohla o kenang ka kamoreng e kaharehare ho ya ipata teng, ke mohla o tla tseba.”


Morena o mputsitse ho ya ka ho loka ha ka, hobane o a bona hore ke hlwekile.


Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla.


bokgopo bona bo tla ka lerako le phahameng, le seng le petsohile, le hlephile, le helehang ka ho panya ha ntshi.


“Ya balehang ke ho tshaba o tla wela ka lemeneng, ya tswang ka lemeneng raba le tla mo tshwasa. Tsena tsohle ke tla di tlisetsa ba Moabe, ke ba tlisetse tsona ka lemo sa kotlo ya bona,” ho rialo Morena.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Ho tla ba jwalokaha motho a baleha tau, ere a e baleha a kgahlane le bere; kapa jwalokaha a kena ka tlung, ere a phopholetsa leboteng a longwe ke noha.


Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo.


Kapa bale ba leshome le metso e robedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowame, ya ba bolaya, ebe le nahana hore ba ne ba le molato ho feta baahi bohle ba Jerusalema?


Ho tloha ka borwa, naha yohle ya Bakanana, le ya Meara, eo e neng e le ya Basidone, ho ya fihla Afeke, le ho ya fihla moeding wa Baamore.


Gaale a baleha, Abimeleke a mo phaladisa. Ditopo tsa banna ba Gaale tsa etsa mofela ho ya fihla kgorong ya motse.


Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ