Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:29 - BIBELE

29 Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ba hlola ba emellane jwalo, ka ditshiu tse supileng; ka la bosupa ya kopana; bana ba Iseraele ba bolaya Basiria ba dikete tse lekgolo ka tsatsi le le leng, e le ba tsamayang ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:29
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Isaka o ne a ena le dilemo tse mashome a mane, ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Padane-Arame, kgaitsedi ya Labane wa Moarame.


Baarame ba baleha Baiseraele. Davida a bolaya Baarame ba makgolo a supileng ba palamang dikariki tsa ntwa, le banna ba dikete tse mashome a mane ba palamang dipere. A bolaya le Shobake, molaodi wa mabotho a bona, mme a shwela hona moo.


Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.


Elisha a re: “Bula fesetere e ka botjhabela!” Kgosi ya e bula. Elisha a re: “Betsa!” Kgosi ya betsa. Elisha a boela a re: “Ona ke motsu wa Morena, o hlolang; ke motsu o hlolang, o tla hlola Baarame. O tla hlola Baarame Afeke, ho fihlela o ba timetsa!”


Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele.


Abiya le bahlabani ba hae ba ba etsa mofela. Ha bolawa mokgetho wa bahale ba Iseraele ba dikete tse makgolo a mahlano.


Peka, mora wa Remaleya, a bolaya ba setjhaba sa Juda ba dikete tse lekgolo le mashome a mabedi ka letsatsi le le leng feela. Bana bohle e ne e le bahale. Ba bolawa kahobane setjhaba sa Juda se ne se furaletse Morena Modimo wa bo-ntata sona.


Morena ke kgosi kamehla le mehla, baditjhaba ba fedile naheng ya hae.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng ha mafube a hlaha. Ba potoloha motse ka makgetlo a supileng, ka mokgwa o tshwanang le wa pele; feela ka letsatsi lena ba potoloha motse makgetlo a supileng.


Mofilesita eo o ne a ye a tle hoseng ho hong le ho hong, le mantsiboya a mang le a mang, a nne a sasanke, mme hona a ho etsa ka matsatsi a mashome a mane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ