Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:27 - BIBELE

27 Bana ba Iseraele le bona ba kgobokana, ba hlomela, ba kgahlanyetsa Baarame. Bana ba Iseraele ba hloma ditente tsa bona kapele ho Baarame, ba ba jwaloka mehlatswana e mmedi ya dipotsanyane, ha Baarame bona ba ne ba tletse naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Le bana ba Iseraele ba balwa, ba newa mefaho, ba ya ba kgahlanyetsa; bana ba Iseraele ba emisa mabapa le bona, ba le ka ka mehlatswana e mmedi ya dipodi. Basiria bona ba thibile naha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi Jorame o tloha Samaria, o kgobokanya mabotho wohle a Iseraele.


Ke bone ho hong hape mona lefatsheng: Ba lebelo hase bona ba siyang kamehla, dinatla hase tsona tse hlolang kamehla, ba bohlale hase bona ba tjhayang kamehla, ba masene hase bona ba ruang kamehla, bahlalefi ha ba dule tulo tse phahameng kamehla; menyetla e tlela bohle ka dinako tsa yona.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


“Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: ‘Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.’ ”


E ne e ye ere ha Baiseraele ba jetse, Bamidiane, le Baamaleke, le ba merabe ya Botjhabela, ba nyolohe, ba futuhele Baiseraele.


Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.


Bamidiane, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba ne ba hwaramane ka kgohlong jwaloka boiyane ba ditsie. Dikamele tsa bona di ne di ke ke tsa balwa, di le kaa ka lehlabathe le lebopong la lewatle ka bongata.


Ba nka dijo tsa setjhaba, le manaka a bona. E mong le e mong wa banna bohle ba Baiseraele a romelwa tenteng ya hae, empa banna ba makgolo a mararo bona ba sala. Diahelo tsa Bamidiane di ne di le tlasa bona, ka kgohlong.


Saule o ne a le mathokong a Gibea, a dutse katlasa sefate sa kgarenate, se Migerone. Batho ba neng ba ena le yena e ne e ka ba banna ba makgolo a tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ