Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 20:23 - BIBELE

23 Bahlanka ba kgosi ya Arame ba re ho yona: “Modimo wa bona ke modimo wa dithaba, ke kahoo ba ileng ba re hlola, empa ha re ka ba lwantshetsa diphuleng, ruri re tla ba hlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa bahlanka ba morena wa Siria ba re ho yena: Medimo ya bona ke medimo ya dithaba, ba re hlotse ke hona; ha re ka ba lwantsha lehwatateng, ruri re ka ba hlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 20:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera.


Jwale etsa tjena: Tlosa dikgosi bolaoding, mme bakeng sa tsona o bee balaodi ba mabotho.


Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Bahlanka ba hae ba re ho yena: “Mamela mona; re utlwile hore dikgosi tsa Baiseraele ke dikgosi tse mohau; ka baka leo, re a o kopa: Re dumelle re itlame matheka ka masela a mahwashe, re qhake dihlooho tsa rona ka dithapo, re ye ho kgosi ya Iseraele, mohlomong e ka o qenehela.”


Na medimo ya ditjhaba tseo bo-ntataomoholo ba di timeditseng e ile ya di pholosa, e leng medimo ya Gosane, le Harane, le Resefe, le medimo ya setjhaba sa Edene, se neng se le Telasara?


Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya wona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”


“Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka! Nke ke be ka nea e mong tlotla ya ka, kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka.


Wena Morena, matla a ka le qhobosheane ya ka, wena tshabelo sa ka nakong ya ditsietsi; baditjhaba ba tla itlisa ho wena, ba itlise ba etswa pheletsong tsa lefatshe, ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefa la mashano le la mafeela, la medingwana ya mafeela e se nang molemo.


A rona bale! Ke mang ya tla re lopolla matsohong a medimo ee e matla? Medimo ena ke yona e neng e bolaye Baegepeta ka mefutafuta ya diwa, lehwatateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ