Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:31 - BIBELE

31 Kgosi ya re ho yena: “Etsa jwalokaha a o boleletse. O mmolaye, o be o mo epele. Ka tsela ena, nna le ba lelapa leso, o tla be o re ntshitse molatong wa madi ao Joabe a a tsholotseng ntle ho lebaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Morena a re ho yena: Etsa kamoo a boletseng kateng, o mmolaye, o mo epele; etlaba o tlositse ho nna le tlung ya ntate madi a se nang molato a tsholotsweng ke Joabe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:31
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere.


Madi ao a botswe Joabe le bohle ba ntlo ya ntatae. Tlung ya Joabe ho nne ho be le ya nang le seso se qhitsang, kapa ya nang le lepera, kapa ya holofetseng hoo a tsamayang ka melamu, kapa ya bolawang ka sabole, kapa eo e leng mokopakopa.”


Benaya a kena ka Tenteng ya Morena, a fihla a re ho Joabe: “Kgosi e re: ‘Tswa!’ ” Joabe a re: “Tjhe! Ke tla shwela hona mona!” Benaya a kgutlisetsa karabo ho kgosi, a re: “Joabe o buile tjena, mme o nkarabile tjena.”


‘Ruri, maobane ke bone madi a Nabote, le madi a bara ba hae,’ ho rialo Morena: ‘Ke tla a phetetsa ka ho sebedisa wena, hona tshimong ena,’ ho rialo Morena. Ka baka lena he, mo nke, o mo lahlele hara tshimo, ho ya ka polelo eo ya Morena.”


Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.


Ya molato wa ho tsholla madi a motho, e tla ba mophaphathehi ho isa lefung, ho se be ya lekang ho mo thiba.


“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.


Ha baahi ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: “Ruri motho enwa ke mmolai, eo le hoja a phonyohile lewatleng, ka toka a ke keng a dumellwa ho phela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ