Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:24 - BIBELE

24 Ka Morena ya phelang, ya mpeileng, a ba a ntsitsisa teroneng ya ntate, ya Davida, ya ntheetseng lelapa, jwalokaha a ne a tshepise, hona kajeno lena Adoniya o tla bolawa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ke se ke re: Ka Jehova ya utlwang, ya ntiisitseng, ya ntudisitseng teroneng ya ntate Davida, ya nkgahetseng ntlo, kamoo a neng a boletse kateng, ruri Adonija, o tla bolawa kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, sabole e tla bolaya ba lelapa la hao kamehla yohle, hobane o nnyedisitse, wa inkela mosadi wa Uriya wa Mohete, hore e be mosadi wa hao.’


“Wena, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o senoletse mohlanka wa hao, wa re: ‘Ke tla o hahela ntlo’; ka baka lena ke bile sebete ho o rapela ka thapelo ena.


Kgosi ya hlapanya, ya re: “Ka Morena ya phelang, ya mpholositseng ditsietsing tsohle tsa ka,


Solomone a re: “Haeba a ka tshepahala, ha ho qoba ya moriri wa hae e tla wela fatshe, empa haeba a ka fumanwa a le kgopo, o tla bolawa.”


Ho bokwe Morena Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena, mme a o bea hore o be kgosi ya Iseraele! Kahobane Morena o rata Baiseraele kamehla yohle, o o entse kgosi ya bona, hore o ahlole hantle, ka toka.”


ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla hlola dira tsa hao tsohle. Hape ke o tsebisa hore Morena o tla atisa lelapa la hao.


Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao, nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, o se o ntadima jwalokaha eka ke motho wa boemo bo phahameng!


“Jwale, ka baka leo, Morena, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahatse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.


Ke yena ya tla nkgahela Tempele. E tla ba mora wa ka, nna ke be ntatae, mme ke tla tsitsisa terone ya hae naheng ena ya Iseraele kamehla.’


Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.


Pesalema ya Solomone. Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haeba e se Morena ya hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lelea. Haeba e se Morena ya lebelang motse, ya o lebelang o fadimehela lefeela.


Le babelehisi bao Modimo a ba fa bana, kaha ba ne ba tshaba Modimo.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.


Ke a o rapela: Ako tshwarele lekgabunyane la hao ditshito tsa lona, hobane ruri Morena o tla hlomamisa lelapa la hao le tiye, ka baka la dintwa tsa Morena tseo o mo lwanetseng tsona. Ka matsatsi wohle a ho phela ha hao e se eka o ke ke wa hlahelwa ke bobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ