Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 2:23 - BIBELE

23 Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Yaba morena Salomone o hlapanya ka Jehova, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha Adonija a sa lefe ka bophelo ba hae taba eo a e boletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 2:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho Amasa le tle le re: ‘Na wena ha o madi eso? Morena a nketse tjena le tjena, le ho feta, haeba o ke ke wa ba molaodi wa mabotho sebakeng sa Joabe, kamehla ha ke ntse ke phela.’ ”


Jwale setjhaba sohle sa tla ho Davida, sa re a je e sa ntsane e le motsheare, empa Davida a hlapanya, a re: “Modimo a nkotle tjena, le ho feta, haeba ekare letsatsi le eso dikele ka ja bohobe kapa ho hong feela.”


Modimo a ke a otle Abinere tjena, le ho feta, haeba nke ke ka etsetsa Davida seo Modimo a mo hlapanyeditseng sona,


Yaba Jesabele o roma leqosa ho Elia, o re: “Haeba hosasane, ka yona nako ena, ke sa o bolaya jwalokaha o bolaile baporofeta, le nna medimo e ke e nketse jwaloka bona, e be e fetise moo.”


Bene-Hadade a boela a romela molaetsa ho yena, a re: “Ke tla futuhela Samaria ka boiyane ba bahlabani, hoo ha e mong le e mong wa bona a ka ngwatha lefupu la mobu wa teng, o ke ke wa ba lekana. Haeba ke sa etse jwalo, medimo e nketse tjena le tjena, esita le ho fetisa moo.”


Jwale kgosi ya re: “Modimo a nketse tjena le tjena, le ho feta mona, haeba hona kajeno nke ke ka kgaola hlooho ya Elisha, mora wa Shafate.”


Morena, se dumelle ditakatso tsa ya kgopo, se dumelle hore di phethahale, le hore merero ya hae e atlehe.


Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.


Polelo tsa ya bohlale di a kgahleha, athe tsa sethoto tsona di a se timetsa;


“A re ho yena: ‘Ke tla o ahlola ka tsa molomo wa hao, mohlanka towe ya kgopo! O tsebile hore ke motho ya thata, ya nkang seo ke sa kang ka se bea, ya kotulang seo ke sa kang ka se jala!


Moo o tla shwela teng ke tla shwela teng, mme ke tla epelwa hona teng. Morena a nkahlole ka ho fetisa ha re ka arohanngwa ke ho hong, haese ke lefu.”


Saule a re: “Jonathane, haeba ruri o sa shwe, Modimo a mpolaye!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ