14 Adoniya a boela a re: “Ke na le puonyana le wena.” Batesheba a re: “Bua!”
14 A eketsa a re: Ke tlile ho wena ka taba. Bathe-Sheba a re: Bua.
Jwale mosadi a re: “Ke a o rapela: Dumella lekgabunyane la hao le ke le bue lentswenyana ho monga ka, kgosi.” Kgosi ya re: “Bua!”
Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?” Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.”
Adoniya a re: “O a tseba hore mmuso e ne e le wa ka, mme Baiseraele bohle ba ne ba lebeletse hore ke buse. Empa mmuso o ile wa mphonyoha, Morena a o nea moreso.
Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.” Yena a re: “Moruti, se bolele!”