Davida a aha qhobosheaneng eo, mme a e bitsa motse wa Davida. Yaba Davida o haha motse o potapotileng qhobosheane eo, ho tloha Milo ho ya qhobosheaneng.
Yare ha Hadade a tsebiswa hore Davida o orohetse ho bo-ntatae, le hore Joabe, molaodi wa mabotho, o shwele, a re ho Faro: “Ntumelle ke tsamaye, ke kgutlele naheng ya heso.”
Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Akasiya, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. O ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse pedi.
Solomone a etsa selekane le Faro, kgosi ya Egepeta, ka ho nyala moradi wa Faro. A mo bekela Motseng wa Davida, hobane o ne a eso hahe ntlo ya kgosi, le Tempele ya Morena, le lerako le potapotang Jerusalema.
Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.
“Banna ba heso, ho a lokela hore ke bue le lona phatlalatsa ka moholoholo wa rona Davida: O ile a shwa, a epelwa, mme lebitla la hae le sa le teng hara rona le kajeno-ya-bokajeno.