Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:5 - BIBELE

5 Ha a ntse a paqame, a kgalehile katlasa sehlahla sa tshinabele, lengeloi la mo sisinya, la re ho yena: “Tsoha, o je!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 A re a sa dutse, a ithoballa tlasa sehlahla, mme teng ha fihla lengeloi, la mo thetsa, la re ho yena: Tsoha, o je.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:5
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


Ha a tadima, a bona senkgwa se besitsweng mollong wa mashala, pela hlooho ya hae ho ena le lekuka la metsi. Yaba o a ja, o a nwa, a nto kgaleha hape.


Tshabang Morena, lona bahalaledi ba hae, hobane ba mo tshabang ha ba hloke letho.


Motho wa batho ha a ipiletsa ho Morena, Morena o a mo utlwa, o mo pholosa matshwenyehong wohle a hae.


Yaba o re: “Ke tla o bolella tse tla etsahala mohla kgalefo e felang, hobane di amana le mehla ya bofelo.


Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.


Lengeloi le neng le bua le nna la kgutla hape, la ntsosa jwalokaha ho tsoswa motho ya kgalehileng.


Hanghang lengeloi la Morena la ema moo, mme lesedi la kganya ka tjhankaneng. Lengeloi la sisinya Petrose lehlakoreng, la mo tsosa, la re: “Tsoha kapele!” Mahlaahlela a matsohong a hae a wa.


Kahoo mangeloi ke eng, haese meya e sebeletsang, le bahlanka ba rongwang ke Modimo ho thusa ba tla ja lefa la pholoho?


Bophelo ba lona bo se ke ba buswa ke ho rata tjhelete. Le kgotsofalle seo le nang le sona, hobane Modimo ka boyena o itse: “Ha nka ke ka o lahla, kapa ka o furalla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ