Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:4 - BIBELE

4 Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Haele yena, a fetela pele feelleng, tsela ya tsatsi le le leng, a fihla, a dula tlasa sehlahla, a ikopela ho shwa, a re: Ho lekane! Oho, Jehova, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bontate ka molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:4
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A sala moporofeta eo wa Modimo morao, a mo fumana a dutse tlasa sefate sa eike, mme a re ho yena: “Na ke wena moporofeta wa Modimo ya tswang Juda?” Yena a re: “E, ke nna.”


Ha Elia a bona taba di le mosenekeng, a ema, a baleha hore a tle a pholohe, a ba a ya fihla Beeresheba e naheng ya Juda, mme a siya mohlanka wa hae hona moo.


Ha a ntse a paqame, a kgalehile katlasa sehlahla sa tshinabele, lengeloi la mo sisinya, la re ho yena: “Tsoha, o je!”


Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.


“Hoja kopo ya ka e ne ka ananelwa, Modimo a nnea seo ke se labalabelang;


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola ke bua ka Morena, ha ke sa tla hlola ke bolela bitso la hae,” ka pelong ya ka ntswe la hae ke malakabe, ke mollo o tukang kahara masapo a ka, ke se ke kgathetse ke ho hlola ke o bipile, ho o mamella le hona ho a ntshita.


Eyang motseng wa Kalene le yo bona; le tlohe moo, le fetele Hamate e kgolo, le nto theohela motseng wa Bafilesita wa Gate! Na mebuso eo le e feta ka letho? Na naha ya yona e kgolo ho feta ya lona?


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Na o lokile ho feta Tebese, e neng e hahilwe bopong la Nile, e neng e potapotilwe ke metsi? Lewatle le ne le e haheleditse, metsi a lona a e etseditse lerako.


Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”


Tadimang dinonyana tse fofang: ha di jale, ha di kotule, ha di bokellele disiung, empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa; ana lona ha le di fete hole ka bohlokwa na?


Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


Jwale? Na re feta ba bang? Le hanyenyane! Re se re bontshitse hore Bajuda le baditjhaba, bohle ba matleng a sebe,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ