Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:21 - BIBELE

21 Yaba Elisha o a kgutla, o nka dipholo tsa hae tsa sepane, o a di hlaba. A besa mollo ka dijoko, a pheha nama ya dipholo, a e fa batho, yaba ba a ja. Jwale yena a tsamaya, a sala Elia morao, mme a mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 A kgutla, a nka pholo tsa joko e le nngwe, a di hlaba, mme ka mesebetsi ya dipholo a besa nama ya tsona, a abela setjhaba, sa eja. A ntoo tloha, a latela Elia, a mo sebeletsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Arauna o re ho Davida: “Monga ka, kgosi ya ka, a ka se nka, mme a nyehela ka seo a bonang se lokela. Dipholo tsa sehlabelo sa setjheso ke tsena; dilei tsena le dijoko tsena e tla ba patsi.


A re ho mohlanka wa hae: “Nyolohela hodingwana, o akgele mahlo nqa lewatle.” A nyoloha, a akgela mahlo, a re: “Ha ho letho.” Yaba Elia o re: “Boela hape!” A boela hasupa.


Sehlopha sa baporofeta, se neng se le moo Bethele, sa kgahlanyetsa Elisha, sa re ho yena: “Na o a tseba hore hona kajeno Morena o tla o amoha monga hao?” Elisha a re ho bona: “E, ke a tseba. Kgutsang!”


Jwale Jehoshafate a re: “Na moporofeta wa Morena ha a yo moo, eo re ka reng a re botsete ho Morena?” E mong wa bahlanka ba kgosi ya Iseraele a araba, a re: “Elisha, mora wa Shafate, o teng mona. Ke yena eo e neng e le mosebeletsi wa Elia.”


Moshe a tsamaya le lehlahana la hae, Joshua, mme Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.


Ke Luka feela ya setseng le nna. Tloo le Mareka, hobane o nthusa haholo mosebetsing.


Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.


Koloi ya fihla tshimong ya Joshua wa Mobete-Shemeshe, ya emisa hona teng, pela lefika le leholo. Ba ratha dithupa tse entseng koloi, mme ka dikgomo tseo ba etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ