Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:19 - BIBELE

19 Yaba Elia o a tsamaya, mme a fumana Elisha, mora wa Shafate, moo ho ntseng ho lengwa ka dipane tse leshome le metso e mmedi tsa dipholo, yena a lema ka sepane sa leshome le metso e mmedi. Elia a fihla a feta pela Elisha, yaba o akgela kobo ya hae hodima hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba Elia o tloha moo, a fihlela Elisha, mora Shafathe, a lema ka joko tse leshome le metso e mmedi, a le pela joko ya leshome le metso e mmedi. Elia, ha a mo feta, a akgela kobo ya hae hodima hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Elia a utlwa lentswe leo, a ikgurumetsa ka kobo ya hae, a tswa, a ema monyako wa lehaha. Jwale lentswe la boela la fihla ho yena, la re: “O etsang moo, Elia?”


Jehu, mora wa Nimeshi, yena o mo tlotse, e be kgosi ya Iseraele; le Elisha, mora wa Shafate wa Abele-Menola o mo tlotse, e be moporofeta bakeng sa hao.


Elia a hlobola seaparo sa hae, a se phutha, mme a phutla metsi ka sona. Metsi a arohana, mme bobedi ba bona ba tshela mobung o ommeng.


Moshe o ne a disa mohlape wa mohwe wa hae Jethero, moprista wa Midiane. A alosetsa mohlape oo hole lehwatateng, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Amose a araba Amasiya, a re: “Ke ne ke se moporofeta kapa mora wa moporofeta, empa ke ne ke le modisana, ke bile ke hlokomela difate tsa feiye.


Jwale Morena a mpitsa ke ntse ke alositse, a re ho nna: ‘Eya, o yo porofetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’


O tla re: ‘Nna ha ke moporofeta, ke molemi; haesale ke phela ka mobu ho tloha botjheng ba ka.’


Ba tlepetswa ka majwe, ba kgaolwa mmele koto tse pedi, ba bolawa ka sabole. Ba ile ba phailaka ba apere matatana, ba futsanehile, ba hlorisitswe, ba hlekefeditswe.


Lengeloi la Morena la fihla, mme la dula katlasa sefate sa eike se Ofera, seo e neng e le sa Jowashe, wa Moabiesere. Gideone, mora wa Jowashe, o ne a ntse a polela koro setlhotlelong sa veine, hore a e patele Bamidiane.


Bonang, Saule o ne a etswa masimong, a kganna dipholo, mme a re: “Setjhaba se jewa keng, ha se lla tjee?” Yaba setjhaba se mmolella ditaba tsa banna ba Jabeshe.


Saule a re ho mosadi: “E sebopeho se jwang?” Mosadi a re: “Ho ropoha monnamoholo ya apereng seaparo se selelele.” Saule a tseba hore efela eo ke Samuele. A obamela fatshe ka sefahleho, ho isa hlompho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ