Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:16 - BIBELE

16 Jehu, mora wa Nimeshi, yena o mo tlotse, e be kgosi ya Iseraele; le Elisha, mora wa Shafate wa Abele-Menola o mo tlotse, e be moporofeta bakeng sa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi e nka Aremoni le Mefiboshete, e leng bana ba babedi, bao Risepa, moradi wa Aya, a neng a ba tswalle Saule, le bara ba bahlano ba Mikale, moradi wa Saule, bao a neng a ba tswalle Adariele, mora wa Barasilai wa Mehola.


Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’


Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame.


Mohla Morena a tla nkela Elia lehodimong ka setsokotsane, Elia o ne a ntse a tsamaya le Elisha, ba etswa Gilegale.


Ha sehlopha sane sa baporofeta ba neng ba dula Jeriko, ba neng ba ntse ba mo shebile, ba bona hoo, ba re: “Matla a Elia a theohetse hodima Elisha.” Ba tla ho mo kgahlanyetsa, ba obamela fatshe kapele ho yena.


Ha ba se ba tshetse, Elia a re ho Elisha: “Kopa seo o ratang hore ke o etsetse sona ke eso tloswe ho wena.” Elisha a re: “Ke a o rapela: Ako nnee karolo ya matla a hao, ke tle ke be mohlahlami wa hao.”


Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”


Ha Baiseraele ba letsa manaka a makgolo a mararo, Morena a etsa hore Bamidiane ba hlabane ka disabole, hara lebotho lohle la bona. Lebotho leo la baleha, la ya fihla Bete-Shita, nqa Serera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, pela Tabate.


Yare ha Merabe, moradi wa Saule, a tshwanela ho newa Davida, yaba o newa Adariele wa Mehola, hore e be mosadi wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ