Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:14 - BIBELE

14 Yena a re: “Ke ka baka la ho tjhesehela ho sebeletsa Morena Modimo wa mabotho, ke leng mona. Bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka sabole. Ke nna ke le mong feela ya setseng, mme jwale ba batla ho mpolaya.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A re: Ke bouleletse Jehova, Modimo wa makgotla, haholo, hobane bana ba Iseraele ba furaletse selekane sa hao, ba heleditse dialetare tsa hao, ba bolaile baporofeta ba hao ka lerumo, ke bile ke setse ke nnotshi, mme le nna ba mpatla, ba tle ba mpolaye.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:14
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano.


Jwale Elia a re ho setjhaba sohle: “Atamelang kwano!” Setjhaba sohle sa atamela ho yena. Yaba o tsosa aletare ya Morena e neng e heleditswe.


athe ba ne ba sa tshepahale, ba sa tshepahale ho yena, ba sa tshepahale selekaneng sa hae.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Ka baka la Sione ha nka ke ka kgutsa, ka baka la Jerusalema ha nka ke ka phomola, ho fihlela ho loka ha yona ho kganya ho kganya sa mafube a meso, topollo ya yona e tshwana le lebone le tukang.


Ba tla araba, ba re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bona, ba rapela medimo esele, ba e sebeletsa.’ ”


Ba Kitime ba tla e futuhela ka dikepe, mme e tla kgathala matla. E tla kgutla e halefile, a fihle e hlatsetse kgalefo ya yona hodima selekane se halalelang, ebe e hauhela ba kwenehetseng selekane seo.


Empa haeba ho ke ke ha eba jwalo, ako tsebe, wena kgosi, hore re ke ke ra sebeletsa medimo ya hao, kapa ra kgumamela setshwantsho sa kgauta seo o se emisitseng.”


Ba sentse selekane sa ka jwaloka motse wa Adamo, kahoo ba ntlhokela botshepehi.


“Morena, ba bolaile baporofeta ba hao, ba dihile dialetare tsa hao; ke setse ke le mong, mme ba batla ho mpolaya.”


“Batho ba tla re: ‘Ke hobane ba furaletse selekane sa Morena Modimo wa bo-ntata bona, seo a ileng a se etsa le bona ha a ne a ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ke tla ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, mme ba tla ja, ba kgore, ba none. Empa ba tla latela medimo e meng, ba e sebeletse, ebe ba a nnyedisa, ba kwenehela selekane sa ka.


Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona, ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, le nna ha ke a ka ka ba natsa, ho rialo Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ