Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:12 - BIBELE

12 Hoba tshisinyeho eo e kgaotse, ha eba le mollo, empa Morena o ne a le siyo kahara mollo oo. Hoba mollo oo o fete, ha utlwahala lentswe le lesesanyane, le hweshetsang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Kamora tshisinyeho, ya eba mollo; empa Jehova o ne a le siyo mollong. Kamora mollo, ya eba lentswe le nyenyetsang, le lesesane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha letsatsi le se le diketse, mme ho se ho fifetse haholo, ha hlaha sebopi se kubellang mosi, le kganare ya mollo; tsena tsa feta pakeng tsa mekgekgetho eo.


Yaba mollo wa Morena o theoha hodimo, o tjhesa sehlabelo sa setjheso, le patsi, le majwe, le lerole; o monya le metsi a neng a le ka moseleng.


Empa Elia a araba molaodi eo wa ba mashome a mahlano, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise, wena le bahlabani ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.


Yare ha ba ntse ba tsamaya, ba buisana, ba bona ho hlaha kariki ya ntwa e tukang malakabe, a hulwang ke dipere tse tukang malakabe, ya fihla ya kena pakeng tsa bona. Elia a nyollelwa lehodimong ka setsokotsane.


Lebaka la hore o ntshabe ha le yo, ho ba teng ha ka ho ke ke ha o imela.”


Sa re themelele! Ke ntse ke tadimile, sa sona sobepeho ke sa se tsebe! Sa ema kapela mahlo a ka, ha didimala, ka utlwa lentswe le nyenyetsa, le re:


Lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena le le kahara lelakabe la mollo le tswang sehlahleng sa monokotshwai. Moshe a tadima, mme a bona sehlahla sa monokotshwai se laima malakabe, empa se sa tjhe.


Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi;


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Hanghang ha eba le modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o matla, mme wa tlala ntlo yohle eo ba neng ba dutse ka ho yona.


“Ka baka leo, itlhokomeleng, hobane mohla Morena a buang ho lona a le kahara mollo, thabeng ya Horebe, ha le a ka la bona ya buang.


Na setjhaba se teng se kileng sa utlwa lentswe la Modimo a bua a le kahara mollo, jwalokaha lona le le utlwile, sa nna sa phela?


hobane Modimo wa rona ke mollo o tjhesang lore!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ