Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 19:11 - BIBELE

11 Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta. Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Lentswe la re: Tloha, o ye ho ema thabeng pela Jehova. Yaba Jehova o a feta. Moya o moholo, o matla, wa petsola dithaba, wa qhetsola mafika pela Jehova; empa Jehova o ne a le siyo moyeng. Kamora moya, ya eba tshisinyeho ya lefatshe; empa Jehova o ne a le siyo tshisinyehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 19:11
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a araba a le kahara sefefo, a re ho Jobo:


Modimo wa rona o a tla, a ke ke a hlola a kgutsa. Kepele ho yena ke mollo, mollo o tjhesang lore! Sefefo se matla se mo teetse hare.


Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele,


lefatshe la na la reketla, mahodimo a nesa pula mahlong a Modimo, Modimo wa Sinai, Modimo wa Iseraele.


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Morena a theohela hodima thaba ya Sinai, tlhorong ya yona, a bitsetsa Moshe teng, yaba Moshe o a nyoloha.


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho nna mona, thabeng, mme o dule teng. Ke tla o nea matlapa a lejwe, a ngotsweng Molao, le ditaelo tseo ke di ngotseng, ho ruta Baiseraele.”


Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.


Itokisetse hore hosasane, e sa le hoseng, o nyolohele thabeng ya Sinai, o itlhahise kapele ho nna kahodima tlhoro ya thaba.


Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi;


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo.


Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona.


Morena o dieha ho halefa, o matla haholo, a ke ke a lesa ho otla ba molato. O tsosa setsokotsane le sefefo ha a tsamaya, maru a ke lerole maotong a hae.


Le tla baleha le fete kgohlo ya thaba ya ka hobane kgohlo ya dithaba e tla be e hobaletse ho ya fihla Asale. Le tla baleha jwalokaha le ne le balehe ha lefatshe le reketla mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda. Jwale Morena Modimo wa ka, o tla tla a ena le bahalaledi bohle.


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Ditjhaba di tla tsohelana matla le mebuso e futuhelane; ho tla ba le ditlala tsa sekoboto le ditshisinyeho tsa lefatshe dibakeng tse ngata.


Bonang, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, hobane lengeloi la Morena le ne le ile la theoha lehodimong, la fihla, la phikolosa lejwe, mme la dula hodima lona.


Mohlang oo lentswe la hae la na la reketlisa lefatshe, empa kajeno o boletse hona, a re: “Ke sa tla boela ke reketlisa lefatshe hanngwe hape; e seng lona feela, empa le lona lehodimo.”


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Ha eba le mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Tshisinyeho e kgolo hakaalo e ne e eso ka e eba teng haesale batho ba eba teng lefatsheng.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


Diahelong, le hara naha, le hara setjhaba sohle, ha thothomelwa; bahlabani ba laletseng, le batho ba tlilo senya, le bona ba thothomela. Lefatshe la reketla, mme batho ba kenwa ke tshabo e kgolo e bakwang ke Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ