Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:7 - BIBELE

7 Ha Obadiya a ntse a tsamaya, a kopana le Elia. Obadiya a mo tseba, yaba o obama kapele ho yena, o re: “Na ke wena Elia, monga ka?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Obadia ha a le tseleng, a bona Elia a mo kgahlanyeditse; a mo tseba, a inama ka sefahleho, a re: A ke wena Elia, monga ka, na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:7
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sara a tshehela ka pelong, a re: “Ha ke se ke tsofetse tjee, le monna wa ka a tsofetse, na nka ba le thabo e jwalo?”


A phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona banna ba bararo ba eme pela hae. Yare ha a ba bona, a tloha monyakong wa tente, a mathela ho bona ho ba kgahlanyetsa. A fihla a itihela fatshe,


Yaba Juda o re: “Re ka hlola re sa reng ho morena ka? Re ka bua eng? Hona re ka itlhakola jwang? Modimo o senotse bokgopo ba bahlanka ba hao. Bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le eo senwelo se fumanweng ho yena.”


Yaba re re ho morena ka: ‘Ntata rona o teng, o se a hodile; le moena rona o teng, ngwana ya fumanetsweng boqhekung. Moholwane wa hae o ne a shwe; ho bana ba mmae ke yena feela ya setseng, mme ntatae o mo rata haholo.’


“Ke a o kopa he, o mpe o dumelle mohlanka wa hao ho sala sebakeng sa mohlankanyana, e le lekgoba la morena ka, mme o lese mohlankanyana a nyolohe le bana babo.


Jwale bana babo le bona ba tla, ba itihela kapele ho yena, ba re: “Bona, re makgoba a hao.”


Seketswana sa tshelela mose ho Jorodane, ho ya lata ba lelapa la kgosi, le ho etsa seo kgosi e lakatsang ha se etswa. Hoba Shimei, mora wa Gera, a tshele Jorodane, a obamela kgosi,


Ka tsatsi le leng ha Jeroboame a etswa Jerusalema, a kgahlana le moporofeta Ahiya, wa Shilo. Ahiya o ne a apere seaparo se setjha, mme e le bona ba babedi feela naheng moo.


Kahoo ba arolelana naha hore ba tle ba e hlahlobe; Akabe a nka tsela ya hae, mme Obadiya le yena a nka ya hae.


A mo araba, a re: “Ke nna. Tsamaya o yo bolella monga hao, hore Elia o teng mona.”


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe.


Hantlentle le ne le ilo bona eng? Motho ya diaparo tse mabokoboko? Ba diaparo di mabokoboko ba matlung a mahosi.


Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ