Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:5 - BIBELE

5 Yaba Akabe o re ho Obadiya: “Tsamaya le naha, o hlahlobe didiba tsohle le melatswana yohle; mohlomong re ka fumanela dipere le dimmeile jwangnyana, di tle di phele, re se shwelwe ke diphoofolo tsohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Akabe a re ho Obadia: Eya le naha didibeng tsohle tsa metsi le melatswaneng yohle; mohla ope re ka fumana jwang, re pholose dipere le diesele, esere ra timellwa ke diphoofolo tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla Jesabele a neng a bolaya baporofeta ba Morena, Obadiya o ne a nke baporofeta ba lekgolo, a pata ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, a ba fepa, a ba fa metsi.


Kahoo ba arolelana naha hore ba tle ba e hlahlobe; Akabe a nka tsela ya hae, mme Obadiya le yena a nka ya hae.


O medisetsa diphoofolo jwang, o di medisetsa le dimela hore di sebediswe ke motho, a tle a fumane dijo tsa hae mobung,


Mahosana a rometse bahlanka ho ya kga metsi, ba fihla didibeng, ba fumana di se na metsi; ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela, ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile, matsoho ba a beile hodima dihlooho.


Diphoofolo di dumaela habohloko! Mehlape ya dikgomo e a diila, e hloka makgulo; mehlape ya dikgutshwane le yona e a tsherema.


Dibatana tsa naha di a o bokollela, hobane metsi a dinoka a pshele pshi! Hlaha e tjhesitse le makgulo a lehwatata.


Lona dibatana tsa naha, se tshoheng letho, hobane makgulo a lefeella a ba matalana; fate se beha ditholwana tsa sona: Fate sa feiye le sa morara di beha haholo.


Baahi ba metse e mmedi, e meraro, ba phaila, ba ya motseng o le mong, ba phaila jwalo ba ilo nwa metsi; ba a nwa, empa ba se ke be ba kgolwa; leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Leha fate sa feiye se ke ke sa fupa, kapa fate sa morara sa se ke sa beha; leha mohlwaare o ke ke wa beha ditholwana, kapa kotulo ya eba siyo masimong; leha masaka a dikgutswane a ka oma, kapa masaka a dikgomo a mela mohlwa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ