Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:45 - BIBELE

45 Ka ho panya ha ntshi feela, lehodimo la fifala ke maru a matsho, moya wa pukutsa, ha na pula ya ditlwebelele. Akabe a palama, a ya Jesereele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Ho se hokae, mahodimo a ntshofala ke maru le ke moya, ha na pula e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:45
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mmea hore e be kgosi ya Gileade, le ya Ashehure, le ya Jesereele, le ya Efraime, le ya Benjamine, e, le ya naha yohle ya Iseraele.


Ba epela masapo a bo-Saule le Jonathane, mora wa Saule, naheng ya morabe wa Benjamine, e Sela, ka lebitleng la ntatae Kishe. Ba etsa tsohle tseo kgosi e laetseng hore di etswe, mme kamora moo, naha ya rapellwa ho Modimo.


Hoba tsena di fete, ha etsahala tsena: Nabote wa Mojesereele o ne a ena le tshimo ya morara Jesereele, e le haufi le ntlo ya bokgosi ya Akabe, kgosi ya Samaria.


Morena a bua le ka Jesebele, a re: “Dintja di tla jella setopo sa Jesabele kahara motse wa Jesereele.


Jehu a palama kariki ya hae ya ntwa, a ya Jesereele, moo Jorame a neng a ntse a ikokela teng. Akasiya, kgosi ya Juda, le yena o ne a theohetse Jesereele ho ya hlwela Jorame.


Modimo a ka nesa pula e le kotlo ho batho, kapa a e nesa hore fatshe le be mongobo, kapa a e nesa e le supo sa lerato la hae.


a sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya ka tenteng ya hae, a ba phehletsa ka lerumo bobedi ba bona, monna eo wa Moiseraele le mosadi eo. Sewa se neng se wetse bana ba Iseraele hodimo sa fela,


A boela a rapela, yaba lehodimo le nesa pula, mme lefatshe la medisa dijalo.


Bana ba Josefa ba re: “Naha e maralla ha e a re lekana. Bakanana bohle ba ahileng naheng e kgohlong, le ba ahileng Bete-Sheane le metsaneng ya yona, le ba ahileng kgohlong ya Jiserele ba na le dikariki tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe.”


Moedi wa bona o ne o fihla Jesereele, le Kesulote, le Shuneme,


Jwale Bamidiane bohle, le Baamaleke, le ditjhaba tsa botjhabela, ba bokellana, ba tshela Jorodane, ba hloma phuleng ya Jesereele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ