Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:40 - BIBELE

40 Elia a re ho bona: “Tshwarang baporofeta ba Baale, le se ke la tlohela le ya mong wa bona a phonyoha!” Ba ba tshwara, Elia a ba theolela ka molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela hona moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ebile Elia o re ho bona: Tshwarang baporofeta ba Baale, ho se ke ha tlola le a mong. Ba ba tshwara, mme Elia a ba theosetsa molatswaneng wa Kishone, a ba bolaela teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:40
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Elia o re ho Akabe: “Tsamaya o yo ja, o nwe, hobane ke utlwa ho hwasa ha pula ya ditlwebelele.”


Akabe a tsebisa Jesabele tsohle tseo Elia a di entseng, le kamoo a ileng a bolaya baporofeta ba Baale ka sabole kateng.


Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi.


Ba mo tshwara, mme ya re ha a fihla Monyakong wa Dipere, pela ntlo ya kgosi, ba mmolaya.


Setjhaba sohle sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa Baale, sa bolaela Matane, moprista wa Baale, kapele ho dialetare tseo.


“Ya etsetsang medimo esele mahlabelo, o lokela ho timetswa.


“Ya sa natseng mosebetsi wa Morena a rohakehe! Ya sa tsholleng madi ka sabole a rohakehe!”


Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona.


“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.


Sisera a bokella dikariki tsa hae tsohle tsa ntwa, e le dikariki tse makgolo a robong tsa ntwa, tse entsweng ka tshepe; le mabotho wohle ao a neng a ena le wona, ho tloha Haroshete ya Baditjhaba ho ya fihla molatswaneng wa Kishone.


Sisera, molaodi wa mabotho a Jabine, ke tla mo nonoeletsa molatswaneng wa Kishone, a tle ka dikariki tsa hae tsa ntwa, le ka mabotho a hae, ebe ke neelana ka yena matsohong a hao.’ ”


Molapo wa Kishone wa ba hohola, molapo wa boholoholo, molapo wa Kishone; ba hatakele ka matla, wena moya wa ka!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ