Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:36 - BIBELE

36 Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Nakong ya ho hlahisa sehlabelo, moporofeta Elia a atamela, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Abrahama le Isaaka le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno hore ke wena Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse ntho tseo kaofela ka taelo ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:36
46 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, Morena a iponahatsa ho yena, a re: “Ke nna Modimo wa ntatao Aborahama. Se tshabe letho hobane ke na le wena. Ke tla o hlohonolofatsa, ke ngatafatse ditloholo tsa hao, ka baka la Aborahama, mohlanka wa ka.”


A bona Morena a eme kahodimo ho yona, a ntse a re: “Ke nna Morena, Modimo wa ntatao Aborahama, le Modimo wa Isaka. Naha eo o robetseng ho yona ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao.


Modimo wa Aborahama, le Modimo wa Nakore, le Modimo wa bo-ntata bona, a re ahlolele.” Jwale, Jakobo a hlapanya ka Ya Tshajwang ke ntatae Isaka.


Jakobo a rapela, a re: “Modimo wa ntate Aborahama, le Modimo wa ntate Isaka, wena Morena ya itseng ho nna: ‘Kgutlela naheng ya heno le ho bang ka wena, mme ke tla o tswela molemo’,


Modimo a re: “Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao. O se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke moo ke tla o etsa setjhaba se seholo.


Lebitso la hao le ke le tumiswe kamehla yohle, batho ba re: ‘Morena wa mabotho ke Modimo wa Iseraele!’ Ntlo ya Davida, mohlanka wa hao, e tla tiya kamehla yohle.


Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Ba nna ba palaola, jwaloka mahlanya, ho fihlela e eba nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya, empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang, kapa ya ba natsang.


Metsi a tsholoha le mahlakoreng wohle a aletare, le mosele ba o tlatsa metsi.


Ako nkutlwe, Morena! Ako nkutlwe, setjhaba sena se tle se tsebe hore wena, Morena, o Modimo, le hore o sokolotse dipelo tsa sona hape.”


Jwale moporofeta e mong a fihla ho Akabe, kgosi ya Iseraele, a re: “Morena o bua tjena: ‘Na o bona boiyane boo ba bahlabani? Ke tla neelana ka bona matsohong a hao kajeno, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Moporofeta wa Modimo a fihla, a bua ho kgosi ya Iseraele, a re ho yona: “Morena o bua tjena: ‘Erekaha Baarame ba itse Morena ke modimo wa maralla, e seng modimo wa diphula, ke tla neelana ka letshwelehadi lena matsohong a hao, mme o tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


O utlwe o le leahong la hao le lehodimong, moditjhaba eo o mo etsetse tsohle tseo a di kopang ho wena, e le hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, di o tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; di be di tsebe le hore ntlo ena eo ke e hahileng e bitswa ka wena.


Empa Elia a araba molaodi eo wa ba mashome a mahlano, a re: “Haeba ke fela ke le moporofeta wa Modimo, mollo a o ke o theohe lehodimong, o o fedise, wena le bahlabani ba hao ba mashome a mahlano.” Mollo wa theoha lehodimong, wa mo fedisa mmoho le bahlabani ba hae ba mashome a mahlano.


Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: ‘Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone?


A re ho yona: “Monna e mong o ile a nyoloha, a re kgahlanyetsa tseleng, a re ho rona: ‘Kgutlelang ho kgosi e le rommeng, mme le re ho yona, Morena o bua tjena: Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo o roma maqosa ho ya disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone? Ka baka lena, o ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.’ ”


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena, Modimo o le mong feela.”


Yaba moporofeta Esaya o rapela Morena, mme Morena a tjhetjhisetsa moriti morao ka mehato e leshome, eo o neng o se o e tsamaile, hodima letlapa le supang nako le entsweng ke Akase.


Jwale a kgutlela ho moporofeta wa Modimo, a ena le sehlopha sohle sa hae, a fihla a ema kapele ho yena, a re: “Jwale ke a tseba hore lefatsheng lohle ha ho na Modimo, haese naheng ya Iseraele feela. Ka baka leo, ke a o rapela: Amohela mpho ya teboho, e tswang ho mohlanka wa hao.”


Yare ha Elisha a utlwa hore kgosi ya Iseraele e hahotse diaparo tsa yona, a romela molaetsa ho yona, a re: “Ke ka baka lang ha o hahotse diaparo tsa hao? Ere motho eo a tle ho nna mona hona jwale, mme o tla tseba hore ho na le moporofeta naheng ena ya Iseraele.”


Oho, Morena Modimo wa bo-ntata rona Aborahama, le Isaka, le Iseraele, etsa hore maikutlo ana a nne a be teng mehopolong ya dipelo tsa setjhaba sa hao, se nne se tshepahale ho wena.


Ka taelo ya kgosi, maqosa a ya hohle naheng ya Iseraele le ya Juda, a isa mangolo a tswang ho kgosi le ho mahosana a yona, a reng: “Lona bana ba Iseraele, kgutlelang ho Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, mme le yena o tla kgutlela ho masalla a lona a phonyohileng matsohong a dikgosi tsa Asiria.


Thapelo ya ka e nyolohele ho wena, e nyolohe jwaloka mokubetso, ke phahamise matsoho a ka e le nyehelo ya mantsiboya.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


A ba a re: “Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo!” Moshe a ipata sefahleho, hobane o ne a tshaba ho tadima Modimo.


Morena a re ho yena: “O etse jwalo, ba tle ba kgolwe hore Morena, Modimo wa bo-ntata bona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o fela a ile a iponahatsa ho wena.”


Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”


Ke tla bonahatsa kgalalelo ya lebitso la ka le leholo, leo le le silafaditseng hara ditjhaba, lebitso leo le le silafaditseng hara tsona. Ha ke se ke bonahaditse kgalalelo ya ka ka lona, moo baditjhaba ba ntseng ba bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.


“Ho tloha mohla ho fediswang sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, ho bewa Manyala a Tshenyeho, e tla ba matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a robong.


Jwale ka utlwa mohalaledi e mong a bua, mme e mong hape a botsa eo ya buang, a re: “Dintho tsee tse bonweng ponong di tla ba teng ho fihlela neng? E tla ba nako e kae ho ntse ho etswa manyala bakeng sa ho etsa dinyehelo tsa letsatsi ka leng, ho hatakelwa mabotho a lehodimo le Sehalalelo?”


Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.


‘Ke nna Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo?’ Modimo hase Modimo wa bafu, empa ke Modimo wa ba phelang.”


Nna ke a tseba hore o nkutlwa kamehla, empa ke buile ka baka la letshwele le nteetseng hare, hore le tle le dumele hore o nthomile.”


Kornele a re: “Maobeng, ha ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ya ka, ka nako e ka bang yona ena, e leng hora ya boraro motsheare wa mantsiboya, monna ya apereng seaparo se hadimang, a ema kapele ho nna.


Petrose le Johanne ba nyolohela Tempeleng ho ya thapelong ya hora ya boraro, motsheare wa mantsiboya.


Ke kopa Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntate ya tlotlehang, hore a ke a le fe moya wa bohlale o le senolelang yena, le tle le mo tsebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ