1 Marena 18:26 - BIBELE26 Yaba ba nka pohwana eo ba e neilweng, ba a e tshela, ba bitsa Baale ho tloha hoseng, ho fihlela hara mpa ya motsheare, ba ntse ba re: “Oho, Baale, ako re arabe!” Empa ha se ke ha eba le lentswe, kapa motho ya arabelang. Ba tlolaka pela aletare eo ba neng ba e hahile. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)26 Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.