Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 18:2 - BIBELE

2 Yaba Elia o ya itlhahisa kapele ho Akabe. A fumana Samaria tlala e le ya bojadikata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Elia a ya itlhahisa ho Akabe. Mme tlala e ne e le kgolo Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 18:2
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.”


Yaba Akabe o bitsa Obadiya, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la Akabe, mme a hlompha Morena haholo.


Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: O ke ke wa hlola o tsoha diphateng tsa hao, hobane ke a o tiisetsa o tla shwa.’ ” Yaba Elia o a ikela.


Tlala e kgolo ya eba teng moo Samaria. Ba thibella Samaria ho fihlela ha hlooho ya tonki e ba e rekiswa silefera e etsang boima ba kilo, mme moroho o bitswang masepa a leeba, o etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi, o rekiswa silefera e etsang boima ba dikeramo tse mashome a mahlano a metso e mehlano.


Pesalema ya Davida. Morena ke lesedi la ka le pholoho ya ka; nka tshaba mang? Morena ke setshabelo sa bophelo ba ka; nka tshoha mang?


Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka;


Ke rorisa Modimo, hobane ke a mo tshepa, ke tshepa Modimo, nke ke ka tshaba letho; motho yena a ka nketsang?


Ya kgopo o baleha a sa phaladiswe ke motho, ba lokileng bona ba sebete jwaloka tau.


“Nna, nna ke inotshi, ke nna ya le tshedisang. O mang wena o tshabang batho, dibopuwa tse shwang? O tshabang batho ba itshwanelang le jwang feela?


Ha ke tsamaya ke kena hara naha, ke bona ba bolailweng ka sabole! Ha ke re ke kena kahara motse, ke bona ba bolailweng ke sekoboto! Moporofeta le moprista ka ho tshwana ba lelera hara naha ba sa e tsebe.’ ”


Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana.


Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ