1 Marena 18:19 - BIBELE19 Kahoo, mane thabeng ya Karamele, mmemele pitso ya Baiseraele bohle, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane le mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashera ba makgolo a mane, ba feptjwang ke Jesabele.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka baka lena, mpitsetseng baporofeta bohle ba Baale, le bahlanka bohle ba hae, le baprista bohle ba hae. Ho se be le ya mong ya tla ba siyo, hobane ke tla etsetsa Baale sehlabelo se seholo. Mang kapa mang ya tla ba siyo a ke ke a phela.” Feela Jehu o ne a etsa leqheka, ka morero wa hore a tle a bolaye ba rapelang Baale.