1 Marena 18:13 - BIBELE13 Monga ka, na ha o eso utlwe seo ke neng ke se etse ha Jesabele a ne a bolaya baporofeta ba Morena? Ke ne ke pate baporofeta ba Morena ba lekgolo: ba mashome a mahlano ka lehaheng le leng, le ba mashome a mahlano ka ho le leng, mme ka ba fepa, ka ba fa metsi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Ana monga ka, ha o eso ho bolellwe seo ke se entseng, mohla Jesebele a neng a bolaya baporofeta ba Jehova, kamoo nkileng ka pata batho ba mashome a mahlano lehaheng le leng kateng, ho le leng ka pata ba bang ba mashome a mahlano, e le baporofeta ba lekgolo ba Jehova, ka ba fepa bohobe le metsi na? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Empa Elisha o ne a ntse a ituletse ka tlung ya hae, a ena le baholo ba setjhaba. Kgosi ya roma monna ho Elisha, ho e etella pele, empa yare monna eo a eso ka a fihla ho Elisha, yaba Elisha o re ho baholo ba setjhaba: “Na le bona kamoo monna eo wa mmolai a rometseng motho ho tla kgaola hlooho ya ka kateng? Bonang mona: E tle ere ha leqosa leo le fihla, le kwale monyako, le le kwalle kantle. Na hoo hase diqi tsa monga lona, ya ntseng a le setse morao?”