1 Marena 18:10 - BIBELE10 Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ka Jehova, Modimo wa hao o utlwang, ha ho setjhaba, leha e le mmuso, moo monga ka a sa kang a romela ho o batla; ha ho no ho thwe, ha o yo, o ne a antsha ba mebuso yohle le ditjhaba tsohle ka ho re, ha ba ka ba o bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”
Jwale Akishe a bitsa Davida, mme a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, o tshepahetse ho nna. O ile wa nkgahla ha re ntse re futuha le wena ka mabotho. Ho tloha mohla o fihlang mona ho nna, ho fihlela kajeno, ha ke eso fumane bobe ba letho ho wena. Leha ho le jwalo, mahosana ha a o amohele.