Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 17:15 - BIBELE

15 Mosadi eo a tsamaya, a etsa kamoo Elia a mo laetseng kateng. Mosadi eo, le moshanyana wa hae, le Elia, ba nna ba eba le dijo hoyahoile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 A ya, a etsa ka polelo ya Elia. Elia, le mosadi, le ntlo ya hae, ba eja ka matsatsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 17:15
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborame a tsamaya jwalokaha Morena a mmoleletse, mme Lota a ya le yena. Ha Aborame a falla Harane, o ne a ena le dilemo tse mashome a supileng a metso e mehlano.


Aborahama a tsoha ka madungwadungwana, a qhaneha tonki ya hae, a nka ba babedi ba bahlanka ba hae, le mora wa hae, Isaka. A ratha patsi ya setjheso, a nto tsamaya ho ya sebakeng seo Modimo a mmoleletseng sona.


Nowe a etsa jwalo; a etsa jwalokaha Modimo a ne a mo laetse.


Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, di ke ke tsa fela, ho fihlela mohla Morena a nesang pula lefatsheng.’ ”


Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia.


Yaba mosadi eo o tloha ho Elisha, o ikwalla ka tlung le bara ba hae, ba neng ba ntse ba mo tlisetsa dipitsana, mme a tshela ole ka ho tsona.


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


Jesu ha a utlwa hona, a re: “Mosadi, tumelo ya hao e kaakang! A ho etswe kamoo o lakatsang kateng!” Mme ho tloha nakong yona eo moradi wa hae a fola.


Yaba Jesu o bitsa barutuwa ba hae, o re ho bona: “Kannete ke a le bolella, mosadi eo wa mohlolohadi, ya futsanehileng, o noketse ho feta bohle ba nokelang letloleng,


Jesu a re ho yena: “Na ha ke a o bolella hore, ha o dumela, o tla bona tlotla ya Modimo?”


Ka tumelo mohla Aborahama a lekwang, o ile a nyehela ka Isaka. A nyehela ka mora wa hae ya inotshi, leha a ne a etseditswe ditshepiso,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ