1 Marena 17:12 - BIBELE12 Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)12 Mosadi a re: Ka Jehova, Modimo wa hao o phelang, ha ke na leha e le senkgwa, haese phofjwana e pitseng e ka tlatsang seatla, le olenyane sehong; bona, ke be ke rwalla thupana tse pedi, hore ke ye, ke lokisetse nna le mora ka, re tle re je, re ntoo shwa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.