Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 17:1 - BIBELE

1 Elia, ya neng a ahile Tishebe e Gileade, a re ho Akabe: “Ka Morena Modimo wa Iseraele ya phelang, eo ke mo sebeletsang, ho ke ke ha lala phoka, kapa ha na pula ka dilemo tsena, haese ka taelo ya ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Elia wa Thishba, wa ba jakileng Gileade, o re ho Akabe: Ka Jehova, Modimo wa Iseraele, ya utlwang, eo ke emeng pela hae, ha ho ka ke ha lala phoka, leha e le ho na pula, ka dilemo tsena, haese ka polelo ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 17:1
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mosadi eo a re: “Ka Morena Modimo wa hao ya phelang, ha ke na leha e le thathana feela. Phofshwana eo ke nang le yona ka lefiswaneng ke e ka tlalang seatla; le ole ha e sa le kae ka lekukeng. Ke thonaka ditjhatjhana tse seng kae, hore ke yo pheha, nna le moshanyana wa ka re tle re je, re ntano itjhwella.”


Kamora ditshiu tse ngata, ka selemo sa boraro, lentswe la Morena la fihla ho Elia, la re: “Tsamaya o yo itlhahisa kapele ho Akabe, mme ke tla nesetsa lefatshe pula.”


Ka Modimo ya phelang, ha ho setjhaba kapa mmuso oo monga ka a sa kang a ya o batla ho wona; ere ha ba re: ‘Ha a yo,’ ebe o hlapantsha mmuso oo kapa setjhaba seo, hore ruri o fela o le siyo.


Yaba Elia o re: “Ka Morena ya phelang, molaodi wa tsohle eo ke mo sebeletsang, ke a o tiisetsa, ke tla ikisa ho yena kajeno.”


Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


“Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se o rapela se le ka tlung ena, se tlotlisa lebitso la hao, se furalla sebe sa sona ha o se otla,


Empa lengeloi la Morena la laela moporofeta Elia wa Tishebe, la re: “Ema, nyoloha, o yo kgahlanyetsa maqosa a kgosi ya Samaria. O fihle o a botse, o re: ‘Na Modimo ha a yo moo naheng ya Iseraele, ha e le moo le ilo disetsa ho Baale-Sebube, modimo wa Ekerone?


Elisha a re: “Ka Morena wa mabotho, ya phelang, eo ke mo sebeletsang, hoja e ne e se ka baka la hobane ke hlompha Jehoshafate, kgosi ya Juda, le ho o sheba ke ne nke ke ka o sheba.


Elisha a boela a kgutlela Gilegale, mme a fumana naha e aparetswe ke tlala. Ha sehlopha sa baporofeta se ntse se dutse kapele ho yena, Elisha a re ho mohlanka wa hae: “Tlhatleha pitsa e kgolo, o phehele sehlopha sena sa baporofeta lesheleshele.”


Empa Elisha a re: “Ka Modimo ya phelang, eo ke mo sebeletsang, nke ke ka amohela letho!” Naamane a mo qophella hore a e nke, empa Elisha a hana.


Jwale Gehasi, mohlanka wa Elisha, moporofeta wa Modimo, a re: “Monga ka o hauhetse Naamane enwa wa Moarame, ka ho hana ho amohela seo a neng a tlile le sona. Empa ka Morena ya phelang, ke tla matha kamora hae, ke yo nka ho hong ho yena.”


Jwale Jehorame a amohela lengolo le tswang ho moporofeta Elia, le reng: “Morena Modimo wa Davida, ntataomoholo, o bua tjena: ‘Ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya Jehoshafate, ntatao, le mehlaleng ya Asa, kgosi ya Juda.


“Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla,


Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha.


Phahamisa mahlo a hao, o thalatse kahohle; tjhaba sa hao se a phutheha, se tla ho wena. Ke hlapanya ka bitso la ka,” ho rialo Morena, “ho wena ba tla tshwana le mekgabiso, o ikgabise ka bona jwaloka monyaduwa.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Ho tloha mehleng ya kgale baporofeta ba bileng teng pele ho nna le pele ho wena, ba nnile ba porofetela dinaha tse ngata le mebuso e matla, ba porofeta ntwa le koduwa le lefu la sewa.


Ke ka baka leo lehodimo le sa le nesetsang pula, le lefatshe le sa le medisetsang dijo.


mme ha le ka kgolwa taba eo, Johanne ke yena Elia ya neng a tshwanetse ho tla.


Ba re: “Ba bang ba re: ‘Ke Johanne Mokolobetsi,’ ba bang ba re: ‘Ke Elia,’ mme ba bang ba re: ‘Ke Jeremia kapa e mong wa baporofeta.’ ”


Yare ha ba bang ba neng ba eme moo ba utlwa, ba re: “O bitsa Elia.”


Ba bang bona ba re: “Lesang, re ke re bone hore na Elia o tla mo pholosa.”


hobane o ne a ruta jwaloka ya nang le matla, e seng jwaloka Ditsebi tsa Molao tsa bona.


O tla etella Morena pele ka moya le ka matla a kang a Elia, ho boelanya dipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utlweng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena setjhaba se mo lokelang.”


Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo.


Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”


Bonang, banna ba babedi, bao e neng e le Moshe le Elia, ba ne ba buisana le yena,


Ha ba tloha ho yena, Petrose a re ho Jesu: “Monghadi, ke hantle ha re le mona. A re hlomeng maphephe a mararo, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia,” feela a sa tsebe seo a se bolelang.


Yare ha barutuwa ba hae, Jakobo le Johanne, ba bona hoo, ba re: “Morena, na o rata hore re re mollo o theohe lehodimong, o ba fedise?”


Ba mmotsa, ba re: “Ha ho le jwalo o mang? Na o Elia?” A re: “Ha ke yena.” “Na o Moporofeta?” A araba, a re: “Tjhe.”


Ba mmotsa, ba re: “Ha o se Kreste, o se Elia, o se Moporofeta, keng ha o kolobetsa?”


Lengeloi la Modimo wa ka, eo ke mo sebeletsang, le ile la fihla ho nna bosiung bona,


Modimo ha a a lahla setjhaba sa hae seo a se tsebileng e sa le pele. Kapa na ha le tsebe seo Mangolo a se bolelang ka Elia, ha a ne a lla ho Modimo ka Baiseraele, a re:


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.


Dipaki tsena di na le matla a ho kwala lehodimo, e le hore pula e se ke ya na nakong ya ha di ntse di porofeta. Hape di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka kotlo efe kapa efe, neng kapa neng ha di rata.


Jafeta a kgobokanya banna bohle ba Gileade, a lwantsha ba morabe wa Efraime. Banna ba Gileade ba hlola ba morabe wa Efraime, hobane bano ba ne ba re: “Lona, Bagileade, le babalehi ba tswang morabeng wa Efraime, le morabeng wa Manase.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ