1 Marena 16:8 - BIBELE8 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng sa Asa, morena wa Juda, Ela, mora Baesha, a qala ho busa Iseraele a le Thirtsa, a busa ka dilemo tse pedi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.