6 Basha a shwa, mme a epelwa Tiresa. Ela, mora wa hae, a mo hlahlama.
6 Baesha a ntoo orohela ho bontatae, a patwa Thirtsa, mme mora hae, Ela, a busa tulong tsa hae.
Yaba mosadi wa Jeroboame o a ema, o a tsamaya, o fihla Tiresa. Ha a qala a fihla mathuleng a ntlo, ke ha ngwana a eshwa.
Jeroboame o ile a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a nto shwa. Nadabe, mora wa hae, a mo hlahlama.
Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Asa le Basha, kgosi ya Iseraele, ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.
Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.
Ka selemo sa bobedi Asa e le kgosi ya Juda, Nadabe, mora wa Jeroboame, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, mme a se busa ka dilemo tse pedi.
Omeri a shwa, mme a epelwa Samaria. Akabe, mora wa hae, a mo hlahlama.
Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e tsheletseng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Ela, mora wa Basha, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Tiresa. A busa ka dilemo tse pedi.