1 Marena 16:31 - BIBELE31 A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)31 A etsa jwaloka eka ho bile honyenyane ho ya ka dibe tsa Jeroboame, mora Nebathe, a tlodisa ka ho nyala Jesebele, moradi wa Ethebaale, morena wa Basidone, a ya, a sebeletsa Baale, a mo kgumamela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.