Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 16:29 - BIBELE

29 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi sa Asa, morena wa Juda, Akabe, mora Omri, a qala ho busa Iseraele. Akabe, mora Omri, a busa Iseraele ka lemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a le Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 16:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale setjhaba sa Iseraele sa aroha dihlopha tse pedi. Sehlopha se seng sa latela Tibeni, mora wa Ginate, sa re se mo etsa kgosi, mme se seng sona sa latela Omeri.


Ka selemo sa mashome a mararo a motso o mong Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Omeri a qala ho busa naha ya Iseraele. A busa ka dilemo tse leshome le metso e mmedi; tse tsheletseng tsa tsona a di qeta a le Tiresa.


Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.


Omeri a shwa, mme a epelwa Samaria. Akabe, mora wa hae, a mo hlahlama.


Empa a etsa tse mpe mahlong a Morena, ho feta bohle ba bileng teng pele ho yena.


Akabe a etsa le setshwantsho sa Ashera, a phephetsa Morena Modimo wa Iseraele, hoo a ileng a mo halefela ho feta dikgosi tsohle tse bileng teng pele ho yena.


“Ema, o theohele Samaria ho Akabe, kgosi ya Iseraele. O tshimong ya morara ya Nabote, moo a theohetseng teng ho ya inkela yona.


Empa ha e le bahlabani ba lebotho leo Amasiya a ileng a le kgutlisetsa hae, hore le se ke la ya le yena ntweng, ba futuhela metse ya Juda, ho tloha Samaria ho ya fihla Bete-Horone, mme teng ba bolaya batho ba dikete tse tharo, ba nka kgapo e ngata.


banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.


Ha Efraime a bua, tjhaba di ne di thothomela, hoba o ne a le moholo naheng ya Iseraele; empa a kgumamela Baale, kahoo a etsa sebe, ka baka la sebe seo yaba o a shwa.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ