1 Marena 16:26 - BIBELE26 A tsamaya mehlaleng yohle ya Jeroboame, mora wa Nebate, a etsa le sebe se kang sa hae, se neng se etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, ba phephetse Morena Modimo wa Iseraele, hore a ba halefele ka baka la medimo ya bona ya bohata. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)26 A ya ka mehlala yohle ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka sebe seo a sebisitseng Baiseraele ka sona, Jehova, Modimo wa Iseraele, a tle a halefiswe ke diketso tsa bona tsa bosawana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.